The-Way-of-Light-beyond-the-Cross-stations-SeSotho-booklet


The-Way-of-Light-beyond-the-Cross-stations-SeSotho-booklet

1 Page 1

▲back to top
Tsela ea Leseli
“Via Lucis”
Liqalo tse 14 ho tloha ka Paseka ho isa pentekonta
Litaelo qalong ka ngoe:
1. Bitsa Ketsahalo
2. Sephetoane se sekhuts’oane
Moeta-pele: Rea u adora Kreste ‘me rea u tlotlisa;
Bohle: Hobane ka tsoho ea hao u re sitsa ts’epo le
thabo, alleluia!
3. Moeta-pele u bala palo e khuts’oane
4. Bohle ba nka karolo thapelong e khuts’oane ka memo:
A re rapelleng
5. Bohle ba bina sefela se sekhuts’oane ka memo:
A re bineng...
Selelekela:
“Molimo o tsositse Jesu bafung; ‘me ka matsatsi a mangata a
iponahatsa ho ba neng ba nyolohile le eena ho tloha Galilea,
ho ea Jerusalema, bao el elng lipaki tsa hae ho batho. Rona re
le bolella molaetsa o molemo: seo Molimo a neng a se
tsépisitse bo-ntat’a rona, o se phethahalitse ho rona, bana ba
bona, ka ho tsosa Jesu bafung. ”
(Liketso 13: 30-33).
1 - Qalo Ea Pele:
Tsoho Ea Jesu!
Basali ba fumana setopo sa Morena Jesu se le sieo.
Mesong ea tsatsi le
qalang beke, basali ba
ile ba ea lebitleng ho isa
linoko tseo ba li
lokisitseng. Empa ba
fihlela lejoe le tlositsoe
lebitleng. Ea re hore ba
kene, ba fumana setopo
sa Morena Jesu se le
sieo.Ea re ba sa
tsielehile ke hoo, hang
ba bona banna ba babeli
ba eme pela bona ka
liaparo tse khanyang
‘me ba re ho bona: ‘Ea
phelang le ’matlelang
hara bafu na? H’a eo
mona, empa o tsohile.
(Luka 24: 1-9).
A re rapeleng:
Morena Molimo oa rona, tsatsing la kajeno, u re buletse menyako ea
bosafeleng ka Mora a inotsi oa hao ea hlotseng lefu. Ak’u re nchafatse ka
Mora oa hao, rona ba ketekelang tsoho ea hae, re tle re tsohe ka khanya ea
bophelo ba ‘nete. Amen.
A re bineng:
U tsohile Kriste, Alleluia Alleluia X2
Alleluia Alleluia Alleluia!

2 Page 2

▲back to top
2 - Qalo Ea Bobeli:
Peterose Le Johanne Ba Ea Lebitleng
Eaba Peterose o tloha
le morutuoa e mong ,
ba ea lebitleng. Ba
fihla ba kena lebitleng
‘me ba bona masela a
behiloe fatse. Ha ba
bona eaba ba lumela.
(Johanne 20: 3-9).
A re rapeleng:
Molimo ea lereko le sa
feleng, uena ea tiisang
tumelo ea sechaba sa
hao ka mokete oa
Paseka, ak’u re
ekeletse limpho tsa
hao, hore bohle re
utloisise ho feta pele
boholo ba hlatsuo e re
hloekisitseng, khalalelo
ea moea o re
nchafalitseng le
bohlokoa ba mali a re
lopolotseng. Amen.
A re bineng:
Me Johannes ka sebele,
A hl’a siea Peterose,
A fihla lebitleng pele. Alleluia!
3 - Qalo Ea Boraro:
Jesu O Iponahatsa Ho Maria Magdalena
Maria one a eme ka ntle
pela lebitla a ntse a lla;
eare a sa lla a inama ho
nyarela lebitleng. Eaba o
bona mageloi a mabeli a
lutse moo setopo sa Jesu
se neng se robalitsoe teng.
A re ho eena: “Mosali, o
llelang?” A reteleha, a
bona Jesu a eme; empa o
ne a sa tsebe hore ke eena
Jesu. Ka ho lekanya hore
ke molemi, a re ho eena:
“Monghali, ha eba ke
uena ea mo tlositseng,
mpolelle moo o ‘meileng
teng, ke tla mo lata. Jesu a
re ho eena: “Maria!”
Eena a reteleha, a re:
“Rabuni!:” – ka seheberu
ke hore “moruti.”
(Johanne 20: 11-18)
A re rapeleng
Molimo ea matla ‘ohle, re thuse ho phatlalatsa matla a Morena ea tsohileng
bafung, ele hore ha re se re amohetse tsepiso ea hae sehlabelong sena, re
fumane lineho tsa leholimo. Amen.
A re bineng:
Salome le ‘m’a Jakobo,
Le khaitseli ea Lazaro,
Ba ea tlotsa setopo. Alleluia!

3 Page 3

▲back to top
4 - Qalo Ea Bone:
Leeto la ho ea Emmause
Ba sa buisana le ho botsana,
Jesu ka sebele a ba atamela,
‘me a re ho bona: “Le ntse le
buisana ka taba li fe leetong la
lona ha e bile le soabile
hakaale?” E mong a araba a
re: “Ke uena o le mong hara
ba ahileng Jerusalema ea sa
tsebeng taba tse hlahileng
teng, tsiung tsee?” A re ho
bona: “Aa! Batho ba se nang
kutloisiso, ba pelo tse liehang
ho lumela tsohle tse boletsoeng
ke baporofeta! Eaba o qala ka
Moshe, a isa ho baporofeta
bohle, a ntse a ba hlaloseta
Mangolong ‘ohle tseo a
boletsoeng ka tsona. (Luka 24:
13-27).
A re rapeleng:
Morena Molimo oa rona, ak’u talime ka mosa sechaba sa hao seo u
khahliloeng ke ho se nchfatsa ka limpho tsa leholimo. Etsa hore ‘mele eo u
e bopetseng tsoho ea letlotlo le sa senyeheng, e finyelle bophelong bo sa
feleng. Amen.
A re bineng:
U tsohile Kriste, Alleluia Alleluia X2
Alleluia Alleluia Alleluia!
5 - Qalo Ea Bohlano:
Barutuoa Ba Tseba Jesu Tlhohonolofatsong Ea Bohobe
Ba atamela motsana oo ba
eang ho oona; empa Jesu a ea
joaloka hoja a fetela pele. Ba
mo qophella, ba re: hlola le
rona, hobane e se e le
mantsiboea, le letsatsi le se le
rapame. A ba a kena, a lula le
bona. Eitse ha a lutse lijong le
bona a nka bohobe, a boka, a
bo ngoatha, a ba nea bona.
Eaba mahlo a bona a
tutuboloha, ‘me ba mo tseba;
empa a ba nyamella. Eaba ba
botsana, ba re; ana lipelo tsa
rona li ne li sa che kahare ho
rona, ha a ntse a bua le rona
tseleng, a re hlalosetsa
Mangolo na?” (Luka 24: 28-
35).
A re rapeleng:
Hauhela balumeli ba hao,
Morena, ba ekeletse melemo
ea mohau oa hao, u ba tsitsise tumelong, tsépong le leratong, e le hore ba
falimehele ho boloka melao ea hao ka mehla. Amen.
A re bineng:
Utloa, Jesu o ntse a re:
Bohobe boo ke ‘mele oa ka.
Ha a bua labobeli,
O re: Vein eke mali a ka.

4 Page 4

▲back to top
6 - Qalo Ea Botsélela
Jesu O Itlhahisa Ho Barutoa Ba Hae
Ba sa le lijong, Jesu a ema hara
bona ka sebele, a re: “Khotso e
be le lona!ba mpa ba tsóha, ba
tsába haholo, eka ba bona
sethotsela. A re ho bona: “Le
tsóhelang? ‘me mehopolo e joalo
e hlahelang lipelong tsa lona?
“A ba bontsá liata le maoto a
hae, a re: “Sethotsela ha sena
nama le masapo joaokaha le
mpona ke na le oona.”’Me
kahobane ba ne ba ntse ba
belaela ka baka la ho makala, a
re ho bona: “Na le na le ntho e
jeoang na?”Ba mo fa hlapi e
besitsoeng ‘me a ja pela bona.
(Luka 24: 36-43).
A re rapeleng:
Lula le sechaba sa hao, oho
Morena. Etsa hore rona bao u re
fepileng ka limpho tsa leholimo
re hlobole bophelo ba khale, re
apare bo bocha. Amen.
A re bineng
Moo ho lutseng barutuoa,
Ha hlaha Kriste ka nama,
A re: Khotso hle ho lona. Alleluia!
7 - Qalo E a Bosupa:
Jesu O Fa Barutuoa Ba Hae Matla A Ho Tsóarela Libe
Jesu a boela a re ho bona:
“Khotso e be le lona! Joalokaha
Ntate a nthomile, le’na kea le
roma. Eitse hobane a bue joalo, a
bululela ho bona; a re:
Amohelang Moea O Halalelang;
bao le tla ba tsóarela libe ba tla
tsóareloa tsona; bao le tla ba
balla libe, bat la balloa tsona.
(Johanne 20: 21-23).
A re rapeleng:
Morena Molimo oa rona, uena
bophelo ba balumeli, letlotlo la ba
ikokobetsang le lehlohonolo la ba
lokileng, mamela ka mosa
lithapelo tseo re li etsang ka
boikokobetso; etsa hore ka ho
tseba lipallo tsa mohau oa hao, re
tlale bongata ba lineho tsa hao ka
mehla. Amen.
A re bineng:
E-eang ka lefatse lohle,
Le ba bolelle Evangeli X2
E-eang, ha ba luimela
E-eang le bakolobetse
Ka lebitso la Ntate le la
Moea o halalelang!

5 Page 5

▲back to top
8 - Qalo Ea Borobeli:
Jesu O Netefatsa Tumelo Ea Thomase
Thomase, o ne a le sieo ha
Jesu a ne a le teng ‘me o ile a
hana ho lumela seo barutuoa
baneng ba mo bolella sona.
Kamorao ho matsatsi a robeli
barutuoa ba ne ba boetse ba le
tlung le Thomase a ena le
bona. A re ho Thomase: “Tlisa
monoana oa hao mona, ‘me o
talime liatla tsa ka,; ntsa
letsoho la hao , o le kenye
lehlakoreng la ka, ‘me o se ke
oa ba ea sa lumeleng, o mpe o
be ea lumelang. (Johanne 20:
24-29)
A re rapeleng:
Morena Molimo oa rona, uena
eo ka tsoho ea Kriste u re
buseletsang bophelo bo sa
feleng, re thuse rona sechaba
sa hao hore re eme re tiile
tumelong le tsepong, e le hore
re se qea-qee ho phetha litaelo
tsa hao, uena mohloli oa tsohle.
Amen.
A re bineng:
Thomas a bona maqeba.
A khumamela Morena,
A re: U Molimo oa ka. Alleluia!
9 - Qalo Ea Borobong:
Jesu O Hlaha Ho Barutuoa Ba Hae Leoatleng La Tiberiase
Simone Peterose a re ho
bona: “Ke ea ho tsóasa
lihlapi.”Ba re ho eena: “Le
rona re ea le uena.”Eaba ba
kena seketsoaneng; empa ha
ba ka ba tsóasa letho bosiung
boo. Eitse kameso, Jesu a
tsóha a ema lebopong; empa
barutuoa ba ne ba sa tsebe
hore ke Jesu. Eaba Jesu o re
ho bona: “Metsoalle, a na le
tsóasitse letho na?” Ba mo
araba ba re: “Che!” Eaba o
re ho bona: Äkhelang letlooa
lehlakore le letona la
seketsoana, ‘me le tla li bona.
Eaba ba le akhalela, ‘me ba
sitoa ho le hula ka baka la
bongata ba lihlapi. Morutuoa
ea ratoang ke Jesu a re: “Ke
Morena!” (Johannes 21: 1-
19)
A re rapeleng:
Morena Molimo, ke uena ea etssang hore balumeli ba hao ba be pelo-‘ngoe. Ak’u
re nehe ho rata seo u re laelang sona le ho lakatsa seo u re ballang sona, e le hore
har’a lintho tse feto-fetohang tsa lefatse, lipelo tsa rona li khoramele moo thabo ea
‘nete e leng teng. Amen.
A re bineng:
Jesu ke eena oa mathomo,
Jesu ke eena oa mafelelo,
Ke Alpha le Omega! X2

6 Page 6

▲back to top
10 - Qalo Ea Leshome:
Jesu O Roma Peterose Ho Ba Moalosi Oa Mohlape Oa Hae,
E Leng Kereke.
Jesu a re ho Simone Peterose:
Simone,morá Jona, na o
nthata haholo ho fetisa bana
ba?” A re ho eena: “”E,
Morena, oa tseba hoba ke a o
rata.”Jesu a re ho eena: Älosa
linku tsa ka. (Johanne 21:
15-18)
A re rapeleng:
Oho Molimo ea matla ’ohle,
etsa hore re hlole ka thabo e
kholo matsatsing ana a ho
tlotlisa Kriste ea tsohileng
bafung. Seo re ikhopotsang
sona, re ke re se phele ka
mehla ka liketso tsa rona.
Amen.
A re bineng:
Roma ‘na X2
Roma ‘na lichabeng!
11 - Qalo Ea Leshome Le Motso O Mong:
Thomo Ea Barutuoa
A re ho bona: “E-eang
lefatseng lohle, le phatlalatse
libopuoa tsohle molaetsa o
molemo. Ea tla lumela, a be a
kolobetsoe, a tla pholosoa; athe
ea sa tl’o lumela o tla tsuoa.
Lipontsó tse tla felehetsa ba
lumetseng ke tsena he: ba tla
leleka bademona ka lebitso la
ka, ba bue lipuo tse ncha, ba
tsoare linoha ka matsoho; ‘me
leha ba ka noa chefo efe kapa
efe, e ke ke ea ba etsa letho; ba
tla bea bakuli matsoho, ‘me ba
tla fola.” (Mareka 16: 15-19).
A re rapeleng:
Morena Molimo, uena ea re
thabisang selemo le selemo ka
mokete oa tsoho ea Morena oa
rona, ak’u etse hore mekete eo
re e etsang mona lefatseng e re
lokisetse ho honyella
nyakallong e sa feleng. Amen.
A re bineng:
E-eang ka lefatse lohle,
Le ba bolelle Evangeli X2
E-eang ha ba lumela
E-eang le bakolobetse
Ka lebitso la Ntate le la
Mora le la Moea o halalelang!

7 Page 7

▲back to top
12 - Qalo Ea Leshome Le Metso E ‘Meli:
Jesu O Nyolohela Leholimong
Joale Jesu a ba isa kantle ho
motse, a ea le bona ho ea
fihla Bethania, a phahamisa
matsoho, a ba
hlohonolofatsa. Eare ba sa
ntse ba talimile leholimong
ha a ntse a nyoloha, bonang,
banna ba babeli, ba liaparo
tse tsoeu, ba ema pel’a bona.
Eaba ba are: “Banna ba
Galilea, le emetse’ng le
shebile leholimong? Jesu
enoa ea nyolletsoeng
leholimong, a tloha har’a
lona, o tla boela a khutla ka
mokhoa oo le ‘moneng a
nyolohela leholimong ka
oona.” (Luka 24: 50-52 /
Liketso 1: 9-11)
A re rapeleng:
Molimo ea matla ‘ohle, ak’u re fe thabo e halalelang, re tle re u lebohe ka nyakallo,
hobane nyolohelo ea Kriste Mora oa hao ke tlholo ea rona. Moo Moetapele oa rona
a keneng teng ka letlotlo, ke moo tsepo ea rona e re lebisang teng, rona litho tsa
‘mele oa hao. Amen.
A re bineng:
Morena Molimo oa rona oa nyoloha,
Oa nyoloha Oa nyoloha,
Hara litlatse!. X2
13 - Qalo Ea Leshome Le Metso E Meraro:
Maria Le Baapostola Ba Lebella Moea O Halalelang
Eaba ba khutlela
Jerusalema ka kamoreng e
kaholimo moo baneng ba
lula teng. Baba kaofela, ba
e-na le basali, le Maria
‘m’a Jesu, ba tiisetsa
thapelong ka maikutlo a le
mang. (Liketso 1: 12-14).
A re rapeleng:
Morena Molimo, uena eo
Mora oa hao, ha a nyolohela
leholimong, a ileng a tsepisa
ho romela Moea o
Halalelang ho baapostola ba
hae, ak’u etse hore joaloka
ha ba ile ba amohela lineho
tsa mefuta-futa tsa thuto ea
leholimo, le rona re
fumamtsoe lithuto tsa moea.
Amen.
A re bineng:
Romela moea oa hau
Morena,
U nchafatse sebopeo sa lefatse.

8 Page 8

▲back to top
14 - Qalo Ea Leshome Le Metso E Mene:
Pentekonta - Ho tla Ha Moea O Halalelang
Ha letsatsi la Pentekonta
le fihla, bohle ba ne ba
phuthehetse sebakeng se
le seng. Hang-hang ha e-
ba le molumo o tsoang
leholimong, o kang oa
moea o matla, ‘me oa
tlala ntlo eohle eo ba
neng ba lutse ka ho
eona. Ba bona ho hlaha
maleme a kang
malakabe; a arohana, a
lula ka bonngoe holim’a
e mong le e mong oa
bona. Bohle ba tlala
Moea o Halalelang, ‘me
ba qala ho bua ka lipuo
lisele, kamoo Moea o
neng o ba buisa kateng.
(Liketso 2: 1-42).
A re rapeleng:
Morena Molimo oa rona,
moketeng ona oa
Pentekonta u halaletsa
Kereke eohle ea hao lichabeng tsohle le linaheng tsohle. Ak’u tsele lineho tsa
Moea O Halalelang lefatseng lohle ka bophara ba lona, ‘me seo u neng u se rute
mohla monene ka baapostola u se ntsetse pele le kajeno lipelong tsa rona balumeli
ba hao. Amen.
A re bineng:
Theoha Moea X3
Moea o Halalelang!
Bua lentsoe X2
Bua lentsoe le halalelang!
Sepheo Sa Buka Ena
Jesu o ile a etsa mehlolo e meng e mengata moo barutuoa ba hae ba ntseng ba
bona, e sa ngoloang bukeng ena. Empa tsena li ngotsoe hore le tle le lumele hore
Jesu ke Kriste, Mora oa Molimo, le hore ka ho lumela le tle le be le bophelo ka
letlotlo la hae. (Johannes 20: 30-31).
U Ithabele (Regina Caeli)
U ithabele, Mofumahali oa leholimo. Alleluia.
Hobane eo u lumeletsoeng ho mo tsoala. Alleluia.
O tsohile bafung joalokaha a n’a boletse. Alleluia.
U re rapelle ho Molimo. Alleluia.
Oho Movirigo Maria, u thabe, u nyakalle: Alleluia.
Hobane Morena o tsohile bafung ruri. Alleluia.
A re rapeleng
Oho Molimo, uena ea tiisang nyakallo lefatseng ka tsoho ea Mora oa hao Morena
oa rona Jesu Kriste, re u rapela ka Maria Movirigo ’M’a hae, hore re fuoe lithabo
tsa bophelo bo sa feleng; ke seo re se kopang ka Eena enoa Morena oa rona Jesu
Kriste. Amen.
Mongoli
Father Píerre de la Croix, moprista oa Mofora, ea qetileng nako e kholo ea bophelo
ba hae a le Afrika, o na le mpho ea bohlokoa eo ka eona a phatlalatsang Evangeli
ka mokhoa oa se le hae ka eona. O tsebahala haholo ka ho penta le ho taka
litsoantso, mekhabiso ena e ka bonoa likerekeng tse ngata haholo-holo Rwanda le
Gauteng.