DB Preventive System-Sesotho MOKHOATSEBETSO


DB Preventive System-Sesotho MOKHOATSEBETSO

1 Pages 1-10

▲back to top

1.1 Page 1

▲back to top
Fr Sean Murphy, SDB
1

1.2 Page 2

▲back to top
MOKHOATŠEBETSO OA JOHN BOSCO EA HALALELANG (1)
Hobaneng ha John Bosco a khethile mokhoatŝebetso ona?
Liketsahalo tse peli tse latelang bongoaneng ba hae tsa mo susumetsa.
Boiphihlelo ba hae ka tsela eo baprista le batho ba baholo ba
tŝoarang bana le bacha ka eona.
Toro eo a neng a e-na le eona a na le lilemo tse robong.
KETSAHALO EA PELE:
John Bosco o ne a tsamaea le ‘me oa hae ‘mileng o eang lapeng mantsiboea.
Le moprista o ne a tsamaea ‘mileng oo. Ha moprista a atamela John Bosco o
ile a mo lumelisa ka thabo, a re: “Lumela, Ntate.” Moprista ha a ka a araba
letho, a feta feela. John Bosco a re ho ‘me oa hae: “ ’Me, ha a ka a nkaraba.”
‘Me oa hae a araba, a re: “Ngoan’a ka, baprista ba na le mesebetsi e
mengata. Ha ba na nako ea ho tjantjella bana ba banyenyane.” John a araba,
a re: “Empa Jesu o ile a ba le nako ea ho amohela bana ba banyenyane ka
thabo. Ha ke le moprista ke tla ba le nako ea ho tjantjella bana.” ‘Me oa hae
o ile a bososela feela, a nahana ka ho eena: “Mohlomong ngoan’a ka e tla ba
moprista. O hlalefile, ‘me o rata ho rapela le ho ithuta katekisima. Empa ha
ke tsebe ho mo kenya sekolong ka ho hloka chelete.”
KETSAHALO EA BOBELI:
Toro a nang a e-na le eona a na le lilemo tse robong.
John Bosco o ile a khethoa ke Molimo e sa le moshanyana hore a inehele
bakeng la bana le bacha. Re fumana motheo oa pitso ea hae torong eo a
neng a e-na le eona a na le lilemo tse robong.
Torong eo John Bosco o ile a iphumana lebaleng le leholo la boithabiso
hammoho le bana le bacha ba bangata ba neng ba bapala teng. Ba bang ba
ne ba tŝeha, empa ba bang ba ne ba hlapaolana, ba itŝoere hampe. John
Bosco o ne a tŝositsoe ke lihlapa tsa bona. O ile na qala ho loana le bona le
ho hoeletsa hore ba emise ho hlapaolana. Ka motsotso oo monna a hlaha.
Sefahleho sa hae se ne se khanya hoo a sa kang a khona ho mo sheba. O ile
a bitsa John Bosco ka lebitso la hae ‘me a ‘molella hore a etelle pele, a
tsamaise bana le bacha bao, a re: O tla etsa bashanyana bao metsoalle ea
hao e seng ka litebele le ho loana, empa ka bonolo le mosa. Kahoo, qala
hona joale ho ba bontŝa hore sebe ke ntho e mpe le makhabane a molemo”
2

1.3 Page 3

▲back to top
John a re: “Ke moshanyana feela. Ho boima ho ‘na ho tsamaisa bashanyana
bana.” Monna eo a re: “Se bonahalang eka se boima u tŝoanetse ho se
phetha ka bonolo le mosa le thuteho.” John a araba, a re: “Ke tla etsa sena
joang?” Monna eo a araba, a re: “Ke tla u fa tichere eo tlas’a hae u tla ithuta.”
John a ‘motsa, a re: “Empa uena u mang?” Monna eo a araba, a re: “Ke ‘na
Jesu Kreste, Mora oa Molimo, ‘me ‘me oa ka o tla u tsamaisa mosebetsing
oohle oa hao.” Ka eona nako eo mosali a hlaha, ‘me a bitsa John, a re: “U
tŝoanetse ho sebeletsa bana le bacha, ‘me u ba tataise ho Jesu, Mor’a ka.”
Maria, ‘M’a Jesu, o ile a tataisa John Bosco bophelong bohle ba hae le
mesebetsing eohle ea hae bakeng la bana le bacha. Ho tloha nako eo John
Bosco ha a ka a lebala toro le pitso eo, ‘me a itokisetsa pitso ea hae ka
cheseho, tiisetso, boikitlaetso le botŝepehi, esita leha a thulana le mathata le
lithibelo tse ngata boitokisetsong ba hae ba ho ba moprista.
MOKHOATŠEBETSO OA KOTLO (KHATELLO)
Mokhoatŝebetso oa thuto nakong ea John Bosco oa bitsoa
‘MOKHOATŠEBETSO OA KOTLO (KHATELLO, TŠABO).
Mokhoatŝebetso ona o itŝetleha ka tse latelang:
Melao e phatlalatsoa ka mokhoa o hlakileng.
Kotlo ea ho se boloke melao e phatlalatsoa ka mokhoa o hlakileng
hape.
Ho se boloke melao ho otloa.
Metheo ea mokhoatŝebetso ona ke:
Litsohelo.
Tŝabo.
Kotlo.
Batho ba baholo ba nang le boikarabello holim’a bana le bacha
ba tŝoanetse ho bonahala ba na le sefahleho se tŝabehang le
se sokelehang, ba se be le litlamahano tse mofuthu le bao ba
ba sebeletsang.
Mokhoatŝebetso ona o bonolo ho matichere ‘me ha o a khathatse.
E le moshanyana John Bosco ha a ka a rata mokhoatŝebetso ona.
O ne a sa thabele ka tlholeho le tsoafo ea batho ba baholo ho ba le
litlamahano tse mofuthu le bana le bacha.
3

1.4 Page 4

▲back to top
MOKHOATŠEBETSO OA JOHN BOSCO
Mokhoatŝebetso oa John Bosco o bitsoang MOKHOATŠEBETSO OA
THIBELO e ne e se ntho eo a e hlophisitseng pele a qala ho sebeletsa
bana le bacha.
E ne e le litholoana tsa kholisiso ea hae hore motho e mong le e mong
o na le seriti se seholo le tsa boiphihlelo ba hae ba ho sebetsa le bana
le bacha.
Mokhoatŝebetso oa hae o itŝetleha ka metheo e latelang:
Molimo ke lerato.
Lerato le se nang moeli leo Molimo a ratang motho e mong le e
mong ka lona.
Molimo o ile a bopa batho ka setŝoantŝo sa hae.
Kahoo, o ile a ba bopela bophelo ba lerato.
Jesu ke pontŝo ea lerato lena la Molimo.
Lerato la ‘nete ke ho tella ba bang bophelo ba hao.
Francis de Sales a tŝetleha mosebetsi oohle oa hae oa ho hulela
ba khelohileng Kerekeng e Katholike holim’a lerato le mosa.
John Bosco o ile a rata mohlala oa Francis de Sales, ‘me a khetha
ho mo etsisa mesebetsing ea hae.
John Bosco o ile a tŝetleha moea oa hae le mokhoatŝebetso oa
hae holim’a lerato.
Mokhoatŝebetso oa John Boaco o itŝetleha ka metheo e meraro:
Kelello (Kutloisiso, Puisano)
Tumelo.
Lerato le mosa.
Mokhoatŝebetso oa hae o ama kelello.
Mokhoatŝebetso oa hae o ama pelo.
Mokhoatŝebetso oa hae o ama takatso ea batho ea ho tseba le ho
tlotlisa Molimo.
John Bosco o ile a lula le bana le bacha Oratoring ea hae ea pele
Turin, Italy, selemong sa 1841, ‘me a phela le bona ka mokhoa oa
bophelo o ileng oa ba thusa ho hola hantle moeeng le ‘meleng le
thutong.
O ile a bitsa boiphihlelo bona ‘MOKHOATŠEBETSO OA THIBELO.
4

1.5 Page 5

▲back to top
Ka boteng ba hae bo tletseng lerato le mosa le tlhokomelo John
Bosco o ile a thibela bana le bacha ho oela melekong le bobeng.
John Bosco o ile a re siela mokhoa oa bophelo oa ho phatlalatsa
Evangeli le oa ho sebetsa hammoho le bana le bacha le ka bona, e
le hore ba hole e le batho ba lokileng ‘me ba fumane pholoho e sa
feleng.
Mokhoatŝebetso oa hae:
o thophothetsa tumelo ea rona ho Molimo.
o thophothetsa litlamahano tsohle tsa rona le batho ba bang.
o thophothetsa mokhoa oa rona oa ho phela phuthehong ka
lerato le tsebang ho hulela ba bang leratong
Phutheho ena e ka ba:
phutheho ea baitlami.
phutheho ea lelapa.
phutheho ea sekolo.
phutheho ea bacha.
phutheho mosebetsing.
Mokhoatŝebetso oa Thibelo o bolela:
ho lula har’a bana le bacha ka boteng bo ratehang.
ho ba tseba hantle.
ho tseba malapa le maemo a bophelo ba bona.
ho tseba mathata le matŝoenyeho le litsietsi tsa bona.
ho tseba bosechaba ba bona.
Mokhoatŝebetso oa Thibelo ke taba ea pelo:
Re hloka ho ithuta ho ba teng har’a bana le bacha ka boteng bo
tletseng lerato le mosa le ho amohela boitelo bo hlokahalang, e le
hore re etse joalo.
John Bosco o ile khothaletsa bana le bacha ho papala, ho matha,
ho tlola, ho bina, ho etsa tsohle ho e-na le ho etsa libe ‘me o ne a
har’a bona mafolo-folong ana ‘ohle.
Empa boitŝoaro bo ne bo le teng hape.
E ne e le boitŝoaro bo tsoang leratong. Ba ne ba tseba hore John
Bosco o ne a ba rata haholo le hore e ne e le motsoalle oa bona
Kahoo, ba ne ba thabela ho mo mamela.
5

1.6 Page 6

▲back to top
Mokhoatŝebetso oa Thibelo o bolela:
ho sebetsa hammoho le bana le bacha le ho ba sebeletsa.
ho ba nea karolelano phethahatsong ea bokamoso ba bona.
ho hlompha seriti sa e mong le e mong.
Ho lemoha hore e mong le e mong ke ngoana oa Molimo.
MOTHEO OA PELE OA MOKHOATŜEBETSO OA THIBELO – KELELLO
KUTLOISISO PUISANO
John Bosco o re bontŝa hore ha re tŝoara bana le bacha ka kelello, re ba
susumetsa ho nahana ka bophelo ba bona.
Re ba khothaletsa ho nahana ka bophelo ba bona le metsamao ea
bona.
Re ba qholotsa ho ikarabella bophelong ba bona.
Re ba amohela joalokaha ba le teng nakong ea joale, empa re ba
qholotsa ho hola hore ba be batho ba lokileng le balumeli ba
tŝepahalang.
LIKELETSO TSE KA THUSANG BOPHELONG BA KA MEHLA.
Likeletso tsena li ka re thusa ho tŝoara bana le bacha ka kelello.
1. Hlalosetsa bana le bacha lebaka la hao la ho etsa seo u se etsang.
U se ke ua nahana hore ba tla utloisisa hang-hang mabaka a hao a
seo u se etsang.
U ba thuse ho arabela seo u se kopang ho bona hobane ba bona
hore se setle, e seng hobane ba tŝaba kotlo.
2. Hlahisa ka tsela e hlakileng melao ea hao.
Khafetsa bacha ba tlola melao ka ho se nahane.
Nka nako ho hlalosetsa hore u lebelletseng ho bona.
Bacha ba lebala ka potlako. U ba khopotse khafetsa.
3. Ba nee melao e bonolo, e le hore ba e hopole ha bonolo.
Ho thata ho hopola lenaneo le telele la melao. Lenaneo le joalo le
hatella bacha ‘me le ba hlonamisa.
Melao e be e bonolo.
4. Leka ho utloisisa se etsahalang lipelong le likelellong tsa bona.
Ba hola ‘meleng le moeeng.
6

1.7 Page 7

▲back to top
Ba leka haholo ho itseba.
Ba susumetsoa haholo ke bacha ba bang.
Ba ikitlaelletsa tokoloho le ho ikemela ntle ho batho ba baholo.
Ba batlisisa bao ba ka ba etsisang.
5. Seo u se kopang ho bona se tŝoanetse ho utloahala.
Se tŝoanetse hore e se be thata haholo.
Se tŝoanetse hore e se be se thotofetseng.
Ba tŝoanetse ho utloisisa hore ha u phetetse bobe ka bobe.
6. U be teng sebakeng sa hao pele bacha ba fihla.
Seo se ka qoba pherekano e kholo.
U be teng kamoreng ea sekolo, lebaleng, holong, kae le kae pele ho
bona, kapa u ba felehetse moo ba eang teng.
7. U be le bona nakong eohle eo u ikarabellang ka eona.
8. Leka ho utloisisa boiphihlelo ba bophelo ba bona.
Bacha ba rata ho bua ka boiphihlelo ba bona.
Haeba u lemoha maemo a joale a bona le litebello tsa bona ka
bokamoso ba bona, ba tla thusoa ho sebelisana le uena.
9. Leka ho lemoha makhabane a bona le ka ‘ona u ba thuse ho hola
moeeng.
Bacha ba rata ho sheba makhabane le lineo tsa bona ho e-na le ho
bua ka mefokolo ea bona.
Ka ho qala ka makhabane le lineo tse ntle tsa bona le seo ba ka se
etsang hantle, u ba thusa ho feta ho lemoha melato le mefokolo ea
bona le ho qala ho e hlola.
10. U ba nee menyetla ea ho bontŝa tsela.
Ha ho ka etsahala, leka ho nea bacha karolo e mafolo-folo therong
le phethahatsong ea litŝebetso tsohle.
Ha ba arolelana therong le phethahatsong ea tŝebetso, ba tla
sebelisana le uena ho feta.
Ka ho arolelana therong le phethahatsong ea tŝebetso ba tla ithuta
masene a macha.
11. Leka ho bea pel’a bona lipheo, ‘me u ba thuse ho ithuta ho hong
boiphihlelong bohle ba bona.
7

1.8 Page 8

▲back to top
12. Ba khothaletse ho botsa lipotso le ho hlahisa likeletso.
Bacha ba tseba hore lipotso tsa bona ha li amohelehe ka mehla.
Khafetsa batho ba baholo ha ba rate ha bacha ba hlahisa likeletso.
U ba memele ho hlahisa lipotso le likeletso. Ka linako tse ling li ka
ba bonolo ho feta tsa hao.
13. U se ke ua lokisa liphoso tsa bona pepeneneng.
Ho bonolo ho lokisa liphoso sephiring.
Ho lokisa liphoso pepeneneng ho ka tsietsa motho le ho mo hobosa.
14. Haeba u khalemela, etsa ka boitŝoaro le ka kelello.
Ha bacha ba tŝepa motsamaisi oa bona, khalemelo ha e hlokahale
khafetsa.
Ho lekana hore u bontŝe hore u saretsoe.
Kotlo ea ‘mele ha e lumelehe ho hang.
Khalemela ha u khutsitse, e seng ha u halefile.
Bontŝa ka ho hlaka hore ha u iphetetse.
15. Rorisa ho e-na le ho ntŝa liphoso.
Ha u rorisa bacha hantle, ba tseba hore ua ba hlompha, ‘me ba
amohela likeletso tsa hao ha bonolo ho feta.
Ha se taba ea ho tlohela khalemelo ea liphoso, empa ke taba ea ho
tiisa hape makhabane le lineo tsa bona.
16. Ba khothaletse ho hlahloba litaba hammoho le ho abelana seo ba
ithutileng sona.
Qetellong ea letsatsi le letle kapa le lebe, katleho kapa tlholo, ba
memele ho hlahloba seo ba se entseng le ho abelana seo ba
ithutileng sona.
Ka ho etsa joalo u ba thusa ho ithuta ka katleho le liphoso tsa bona.
Ha ba ithuta hammoho, bohle ba ithuta ho feta.
17. Ba thuse ho ntŝetsa pele masene a boinahano.
Batho ba baholo ba bangata ba nea bacha kutloisiso ea bona feela
ka maemo, liketsahalo le litaba.
Thusa bacha ho ntŝetsa pele masene a bona a boinahano, e le hore
ba fumane likhopolo tsa bona. Ba hloka ho ntŝetsa pele masene ana
bakeng la bokamoso ba bona.
Lemoha hape hore ka ho ntŝetsa pele masene ana a bona, ba ka
nyatsa tsa hao.
8

1.9 Page 9

▲back to top
Ka linako tse ling u tla hloka ho ba thusa ho lemoha hore likhopolo
tse itseng tsa bona li hanana le seriti sa botho le lithuto tsa Evangeli.
18. Hlahisa mathata a hao le bao ba sebetsang le uena.
E mong le e mong oa rona o na le boiphihlelo le kutloisiso le
likhopolo tse ka thusang.
U se ke ua utloa bohloko u inotŝi, u thotse.
19. Qoba mahlahahlaha.
Leka ho ba le sebopeho se sa fetoheng hangaka.
Sehlopha sohle sa batsamaisi a se be le tsela e tsejoang le e
utloahalang ea ho arabela maemong ‘ohle, ‘me se be le metsamao
e lokileng maemong ‘ohle.
Haeba e mong le e mong a na le litebello tse fapaneng le
metsamao e fapaneng le litsela tsa karabelo tse fapaneng, bacha
ba tla tsietsa.
20. U itŝoare ka kelello.
U se ke ua leka ho etsa tse ngata-ngata.
U se ke ua tŝaba ho kopa thuso.
Phomola ha u khathetse.
Ho thata ho ba har’a bacha ka boteng bo tletseng lerato le mosa ha
u khathetse.
PUISANO.
1. Ke life likeletso tse ka thusang uena ka sebele.
2. Ha le nahana ka mesebetsi eo re e etsang le tsela eo re li etsa ka eona,
ho na le lintho tse ling tse se nang kelello na? Ke life?
9

1.10 Page 10

▲back to top
MOKHOATŠEBETSO OA JOHN BOSCO (2)
Motheo oa bobeli ea Mokhoatŝebetso oa John Bosco ke tumelo.
1. Tumelo ke eng?
Ka tloaelo ha re bua ka tumelo le tlamahano ea motho le Molimo,
re nahana ka lithuto-tumelo le litŝebeletso le meetlo, e leng
karolo ea litumelo tsohle.
Lipontŝo tsena tse bonahalang tsa tumelo li na le bohlokoa ‘me lia
hlokahala, hobane re batho ba nang le ‘mele le moea, ‘me li
bontŝa ka mokhoa o bonahalang tumelo e leng teng botebong ba
moea oa motho.
Empa tumelo ha se ntho e bonahalang feela.
Pele ho tsohle tumelo e teng botebong ba moea oa motho.
Tumelo e teng botebong ba pelo ea motho.
Hobane ho motho e mong le e mong ho na le taba-tabelo e
tebileng ea Molimo.
Tumelo e bolela ho lemoha boteng ba Molimo popong, le
bophelong ba botho le paleng ea botho.
Tumelo e bolela ho tseba Molimo e le ‘Mopi le Mopholosi oa rona,
le ho phela leseling la kholiso ena le ho tataisa bophelo ba letsatsi
ka leng ka ho ea ka tumelo ena.
Tumelo e tebileng e feta litŝebeletso tsa bonahalang.
Tumelo e ipontŝa hape ka liketsahalo tsa letsatsi ka leng.
Khafetsa liketsahalo tsa botho li ka re nea boiphihlelo ba
Molimo. Ka bona batho ba tseba ho jara liphiri tse ngata
bophelong ba botho maloetse, mahloko, likatleho, litlholo,
liqholotso tse hlahang bophelong ba e mong le e mong,
joalo joalo.
Ka tsela ena tumelo e batla ho lokolla motho bophelong bo se
nang sepheo, bo felloeng ke tŝepo, bophelong bo se nang
makhabane, likholiso, boikarabello le boinehelo. Tumelo e nea
bophelo ba botho sepheo se beang litholoana tse lokileng.
10

2 Pages 11-20

▲back to top

2.1 Page 11

▲back to top
2. John Bosco le tumelo.
John Bosco o ile a thea mokhoatŝebetso oa hae metheong e
meraro: kelello (puisano), tumelo le lerato le mosa.
Metheo ena ea tsamaellana.
Tumelo e tŝoanetse ho thophothetsa kelello le lerato le
mosa, e le hore li utloisisoe ho feta. Le kelello le lerato le
mosa li tŝoanetse ho thophothetsa tumelo.
Ke ka baka leo mokhoatŝebetsong oa John Bosco tumelo e
na le bohlokoa ho feta tsohle.
John Bosco o ile a kholiseha hore ea sebeletsang bana le bacha o
tŝoanetse ho susumetsoa ke lerato le tsoang leratong le se nang
moeli la Molimo le mohlaleng oa bophelo le oa Evangeli ea Jesu
Kreste.
O ile a kholiseha hore ka tsela ena feela lerato le ka hola, le
feta setsoalle sa mofuthu le boikutlo.
Ka lerato lena la ‘nete ea sebeletsang bana le bacha o tla
lemoha seriti se seholo sa e mong le e mong pel’a Molimo
le ho hlompha sephiri sa bophelo le bokamoso ba hae.
Kelello e tŝoanetse ho tataisoa ke tumelo.
Ho John Bosco thuto ke tŝebetso e theoang holim’a lerato la
Molimo ‘me e hulelang batho ho Molimo.
Boitŝoaro boo John Bosco a ileng a bo bopa Oratoring e ne
e le tholoana ea tumelo.
O ile a bopa kholiso ho bana le bacha ba hae ea hore e
mong le e mong oa bona o bopiloe ka setŝoantŝo sa
Molimo. Kholisong ena ea hlaha boitlhompho le tlhomphano
e tebileng.
Ha moeti ea tsoileng ‘Musong oa England a chakela Oratory,
Turin, a bona tŝebelisano le boikarabello har’a bana le
bacha ba John Bosco Oratoring, a botsa a maketse hore
hoa etsahala joang. John Bosco a mo bolella hore lithuto tsa
11

2.2 Page 12

▲back to top
tumelo le poloko ea tsona li na le matla a maholo thutong.
John Bosco a re ho eena: “Ke taba ea tumelo kapa ea
molamu.”
3. Poloko ea tumelo Oratoring.
Poloko ea tumelo e ile ea ama tsohle tse entsoeng Oratoring, ea
thophothetsa mesebetsi eohle,’ me ea bonahatsoa ka litsela tse
fapaneng. Re ka bala tse latelang:
Moea oa borapeli.
Bohle ba rutang baprista, bathusi, le matichere ba ne
ba leka ho phela bophelo bo lokileng.
Litŝoantŝo le lifapano le liemahale le litemana tse
khothatsang tsa fanyehoa maboteng.
Mopapa Paul V1 a re lebaka la katleho ea John Bosco e ne
e le lena: O ile a hlahisa bana ba hae ho Molimo e seng ka
monyako oa kereke feela, empa le ka monyako oa
workshop le classroom le ka monyako oa lebala la
boithabiso.
Bophelo bohle bo talingoa leseling la lithuto tsa Molimo.
Ba ile ba etsa tsohle Oratoring leseling la lithuto tsa Molimo
le tŝebeletsong ea hae.
John Bosco o ile a tiisa boteng bo ratehang ba Molimo le
karabelo ea mamello le lerato boteng bona bo ratehang.
Sena e ne e le mohloli oa nyakallo e fumanoang Oratoring.
Lepetjo la eona e ne e le lena: “Sebeletsang Molimo ka
nyakallo.”
Ho rutoa ha katekisima:
Ba ile ba ithuta tumelo e katholike.
Ba rutoa har’a beke sekolong le ka lisontaha pele kapa
kamorao ho Missa.
Ba ile ba ketekela linovena le borapeli ba likhoeli tse
fapaneng.
Liketekelo tsa tumelo.
Ba ile ba rapela hoseng le mantsiboea, pele le kamorao ho
lijo, pele le kamorao ho lithuto, pele le kamorao ho
12

2.3 Page 13

▲back to top
mesebetsi; ba ile ba ketekela Missa ka letsatsi ka leng; ba
ile ba ntŝetsa pele borapeli ho Maria le bahalaleli.
Lisakramente:
John Bosco o ile a khothaletsa haholo kamohelo ea
Sakramente ea maipolelo le ea Sakramente ea Eukariste, e
le hore re bope ‘me re tebise tlamahano le Jesu.
Khafetsa maipolelo a etsoa lebaleng. Bana ba ne ba siea
lipapali, ba ea ho ipolela ho John Bosco ka thoko.
Boinehelo phatlalatsong ea Jesu.
John Bosco o ile thea likopano Oratoring, e le hore a thuse
bana le bacha ba hae ho sebeletsa Molimo le batho ho eona
le kantle. O ile a batla hore bana le bacha ba hae e be
baapostola har’a bacha ba bang.
Ho ikitlkaelletsa khalalelo.
John Bosco o ile a tiisa hore bohle ba biletsoa khalalelong le
hore mokriste e mong le e mong e ka ba mohalaleli.
Khalalelo ke eng? Khalalelo ke bophelo bo tletseng lerato.
O ile a kholisa bana le bacha ba hae hore ho ne ho le
bonolo ho ba bahalaleli ka ho etsa mesebetsi ea letsatsi ka
leng hantle, ba bontŝa lerato la bona ho Molimo ka eona.
KHALALELO EA BOCHA.
Khalalelo ke tsela ea ho boloka tumelo.
John Bosco o ile a bopa khalalelo ea bocha.
Khalalelo ena e ne le sepheo sa ho thusa bacha ho lemoha
kamano pakeng tsa tumelo le bophelo ba letsatsi ka leng.
Lintlha tse latelang li e akaretsa:
Khalalelo ea bophelo ba mehla eohle.
Re kopana le Molimo mesebetsing eo re tlaoetseng ho
e etsa ka letsatsi ka leng.
Re kopana le Molimo ho batho bao re teeanang le
bona ka letsatsi ka leng.
13

2.4 Page 14

▲back to top
Re bopa me re tebisa tlamahano ea rona le Molimo ka
ho lemoha boteng ba hae bophelong ba rona ba
mehla eohle le litlamahanong tsa rona le batho bao re
teanang le bona ka mehla eohle.
Khalalelo ea nyakallo le tŝepo.
John Bosco o ile a thusa bana ba hae ho ikitlaelletsa khalalelo ka
ho etsa mesebetsi ea letsatsi la leng, e leng lithuto, lithapelo,
lipapali, le litŝoanelo tsohle, ka nyakallo. John Bosco o ile a
khothaletsa mafolo-folo, lipapali, ho matha, ho tlola, ho nyakalla,
‘me o ile a iphapanya lerateng la mafolo-folong ao Oratoring.
Khalalelo e nang le setsoalle le Jesu.
John Bosco o ne a thusa bana le bacha ba hae ho lemoha
bohlokoa ba boteng ba Jesu bophelong ba bona. O ile a ba thusa
ho lemoha boteng ba Jesu bophelong ba mehla eohle le ho tebisa
litlamahano tsa bona le Jesu, e leng motsoalle le tichere le
mopholosi le mohloli oa bophelo ba ‘nete.
Khalalelo e pheloang phuthehong ea Kereke.
Tumelo ea sekreste e bolela bophelo phuthehong sekreste.
Phuthehong ea sekreste, re hola khalalelong ka
liSakramente, ka bonngoe ba rona le bakreste ba bang le ka
karolelano ea rona litŝebetsong tsa phutheho.
Motho ke motho ka batho.
Mokreste ke mokreste ka bakreste.
Hape phuthehong ea sekreste re thulana le Maria, ‘M’a Jesu,
ea re etellang pele, ea re felehetsang ‘me ea re
susumetsang leetong la rona la tumelo.
Khalalelo ea tŝebeletso.
Boinehelo bo ikokobetsang ke pelo ea tumelo ea ‘nete.
Moapostola Johanne a re: Re tseba seo lerato le leng sona
ka sena: Kreste o re teletse bophelo ba hae; le rona re
tŝoanetse ho tella bana babo rona bophelo ba rona.”
(1 Johanne 1:3:16)
Bophelo ba rona ba tumelo ke ho ikitlaelletsa ho hlola
boithato bo fetisisang, e le hore re telle ba bang bophelo ba
rona.
14

2.5 Page 15

▲back to top
Boinehelo bo tsoa leratong la ‘nete.
Boinehelo bo tŝoanetse ho ba pontŝo e bonahalang ea
tumelo ea rona.
15

2.6 Page 16

▲back to top
MOKHOATŠEBETSO OA JOHN BOSCO (3)
LERATO LE MOSA.
Lerato le mosa ke motheo oa boraro oa Mokhoatŝebetso oa John Bosco.
Motheo ona o na le bohlokoa bo boholo mokhoatŝebetsong oa hae.
Lerato le mosa li bolela litlamahano tsa lerato pakeng tsa batho.
Motheo le mohloli oa tsona ke lerato la Molimo.
Motataisi o rata bana le bacha ka lerato le tŝoanang le leo Molimo a ba
ratang ka lona.
Lerato le tŝoanetse ho bonahala.
John Bosco a re: “Ha hoa lekana ho rata bana le bacha. E ka khona ba
tsebe hore ba ratoa.”
Thuto ke taba ea pelo, e seng ea kelello feela. Ka mantsoe a mang
tŝepano ea hlokahala haholo mosebetsing oa thuto.
Tŝepano e tsoa leratong.
Lerato le tsoa setsoalleng.
Setsoalle se tsoa boteng.
Boteng bo bopa litlamahano tse mofuthu.
Setsoalle se tŝoanetse ho bonahala ka lipontŝo le liketso.
Thusa bana le bacha ho lemoha seriti sa bona le ho ntŝetsa pele
boitlhompho.
Bea lipheo pel’a bacha ‘me u ba khothaletse ho hlola mefokolo.
Leka ho bopa maemo a thusang thuto.
Bopa maemo a tletseng nyakallo, lipapali, karolelano le botho ba ‘nete.
Bopa pelonngoe le moeamong, e leng phutheho.
Bopa maemo moo bacha ba ka holang teng, ba fihle bophethehing.
Bopa maemo moo ba ka phelang eka ba lapeng.
Bopa maemo a tletseng tŝepano.
John Bosco a re: “Thuto ke taba ea pelo.”
Thuto ha se taba ea ho ithuta liqaqiso tsa taba feela.
Thuto ha se taba ea ho atleha lihlahlobong feela.
Thuto e bolela ho ithuta tsela e nepahetseng ea bophelo.
Ho ruta tsela e nepahetseng ea bophelo ho bolela ho thusa bacha ho
bopa litlamahano tsa lerato, litlamahano tsa tlhokomelo, litlamahano tse
sa batleng ho sebelisa ba bang bakeng la boiketlo ba hao.
Litlamahano tsa ‘nete tsa botho li ke ke tsa bopjoa haeba motho e
mong a tŝoaroa e mong joaloka hoja ke ntho feela e ka sebelisoang
bakeng la boiketlo ba hae.
16

2.7 Page 17

▲back to top
Bolokolohi boa hlokahala litlamahanong tse ‘nete tsa botho.
Bolokolohi boa hlokahala haholo litlamahanong pakeng tsa bacha ba
batona le bacha ba batŝehali.
Kholiso ea hore batho ba batona ba na le seriti se fetang sa ba
batŝehali e tŝoanetse ho lahloa.
Teano le batho ba bang e na le bohlokoa.
Motataisi o hloka ho ba le teano le bana le bacha ba hae.
Motataisi o hloka ho tseba bana le bacha ba hae.
Motataisi o hloka ho tseba malapa le maemo a bophelo ha ‘ona.
Motataisi o hloka ho tseba mathata, matŝoenyeho le litsietsi tsa bona.
Teano e qala ka lipontŝo tsa tlhompho, lerato le kutloisiso.
Re teana le bana le bacha joalokaha ba leng teng nakong ea joale.
Tlamahano ea thuto.
E mong le e mong o na le boikarabello ba ho ntŝetsa pele kholo ea hae.
Ha se tŝebetso ea ea rutang ho amoha boikarabello bona, empa ho bo
tsosa le ho bo khantŝetsa, e le hore bacha ba tsebe ho khetha ka
bolokolohi leseling la makhabane a lokileng le maikutlo a nepahetseng.
Lentsoe le reng ‘TO EDUCATE” (HO RUTA) le tsoa lentsoeng la Silatine:
EDUCARE.
Lentsoe lena le bolela ‘ho ntŝa’, e seng ‘ho tŝella’
Motataisi oa ba felehetsa, ‘me oa ba khothaletsa.
Ke taba ea boteng le phelehetso ka lerato le tlhokomelo.
Motataisi o na le karolo ea bohlokoa. Ka boteng ba hae a ka ba nea
tsamaiso le litholoana tsa boiphihlelo ba hae. Ka ho mo tseba le ho mo
tŝepa bana le bacha ba ka susumetsoa ho latela mohlala oa hae.
Motataisi o tŝoanetse ho amohela bana le bacha joalokaha ba leng teng
nakong ea joale.
Maemong moo re ba fumanang teng ke moo Molimo a khethileng ho ba
mema ho qala leeto la bophelo bohle ba bona.
Lemohang boiphaphanyo ba Molimo boo re tŝoanetseng ho bo etsisa.
Re tŝoanetse ho lemoha hore e mong le e mong o maemong afe pele
re hlahisa likeletso le litemoso.
BOTENG.
Boteng ke karolo ea bohlokoa ea mokhoatŝebetso oa Thibelo.
John Bosco o ile a utloisisa motheo oa lerato le mosa joaloka boteng bo
tletseng lerato le mosa le setsoalle ba motataisi har’a bana le bacha.
17

2.8 Page 18

▲back to top
John Bosco o ile a bitsa boteng bo joalo ‘ASSISTANCE’. Ho thata ho
fetola lentsoe lena ka Sesotho. Mohlomong re ka re “’BOTENG BO
THUSANG’.
Ntate Lemoyne ea ileng a ngola qaqiso ea bophelo ba John Bosco, a re
hore lerato la hae la bana le bacha le ne le le joalo:
John Bosco ka sebele sa hae o ne a e-na le bona kamehla,
a ea sehlopheng se seng le se seng.
Ba sa lemohe John Bosco ka puisano le bona o ile a fumana hore ba
ne ba phela joang moeeng le hore ba ne ba hlokang.
Ho e mong o ne a nyenyeletsa keletso tsebeng ea hae; ho e mong o
ne a nea keletso mabapi le bophelo ba hae; e mong o ne a
khothaletsa ho amohela liSakramente; o ne a lula motsotsoana le
bao ba tepeletseng, a leka ho ba thabisa. Eena ka sebele o ne a
hlasimoloha, a bososela kamehla, empa o ne a sheba tsohle ka
mahlo a falimehang. (BM 111 pp .79-80) John Bosco a ba bolella
hape a re: “Ke teng har’a lona motsotso o mong le o mong nyene le
bosiu bakeng la boiketlo ba lona.” (BM VII – p.302)
BOTENG BO SIRELETSANG.
John Bosco o na e-na le tŝepo e tebileng ha a khothatsa bana le bacha
ho ba le boikarabello mabapi le bophelo ba bona. A re: “Esita bana ba
sa lokang ba na le botle bo nyenyane botebong ba lipelo tsa bona.”
Empa o ne a lemoha maemo a bona joalokaha a le joalo. O ile a bolella
bathusi ba hae hore “bana le bacha ba tlola melao khafetsa ka ho se
nahane, e seng ka lonya, ka ho hloka bolebeli bo lokileng, e seng ka
maikutlo a mabe. (BM IV p.386) O ne a lemoha maemo a lipelo tsa
bana le bacha ha ba fihla likolong tsa hae. O ne a lemoha hore har’a
bana le bacha ba fihlang Oratoring, ba bang ba ne ba le khopo, ba se
nang boitŝoaro, ba ratang ho ithabisa feela, ba sa lakatse ho hang ho
lokileng, ba botsoa, ba ka hulelang ba bang bobeng ka mohlala o
mobe oa bona. (BM IV p.395) Ba bangata ba ne ba tsoa
lichankaneng le bophelong literateng.
Boteng bo sireletsang bo ne bo hlokahala ho ba thibela ho hulela ba
bang bokhopong.
18

2.9 Page 19

▲back to top
BOTENG BO NTŠETSANG PELE TSE LOKILENG.
Ka ho ea ka pono ea John Bosco ka boteng bo sireletsang o ne a batla
ho thibela bana le bacha ho oela bobeng, empa haholo ka pono ea hae
o ne a batla ka boteng bo sireletsang hore ba amohele boikarabello
mabapi le bophelo ba bona le hammoho le bona ba fumane litsela tse
nepahetseng tsa ho etsa joalo.
Litsamaisong tseo a li neang batataisi ba likolo tsa hae, John Bosco a re:
Leka ho ba teng le bana le bacha khafetsa. Leka ho nyenyeletsa
lentsoe la mosa litsebeng tsa bona ka thoko ha u bona hore hoa
hlokahala.” (BM V – p. 449)
MOKHOATŠEBETSO OA JOHN BOSCO O BOLELA:
Ho ba teng har’a bana le bacha le ka hona ho tjantjella bophelo ba
bona.
Ho ba teng har’a bana le bacha ka boteng bo nang le setsoalle le
mofuthu, e seng joaloka molebeli feela.
Ho ba teng har’a bana le bacha ka boteng ba mafolo-folo, e le hore u
ba sireletse bokhopong ‘me u ntŝetse pele tse ka ba thusang ho hola
moeeng.
Ho ba teng har’a bana le bacha ka boteng bo susumetsang ka ho ba
khothaletsa ho arolelana therong le phethahatsong ea litŝebetso le ho
amohela boikarabello ka bokamoso ba bona, ‘me u ba felehetse
leetong la bona la ho hola joaloka batho.
Ho ba teng har’a bana le bacha ka boteng bo pakang.
Makhabane a bonahalang bophelong ba batataisi a tla thusa bana le
bacha ho nahana ka bophelo le ka bokamoso ba bona.
LIKELETSO KA BOTENG BO THUSANG.
Ka ho ea ka pono ea John Bosco boteng bo thusang ha se taba ea ho
qobella bana le bacha ho boloka melao.
Boteng bo thusang bo bolela boteng bo tletseng lerato le tlhokomelo
har’a bana le bacha.
Boteng bo thusang bo bolela tse latelang:
Ho nka mohato oa pele. Ho kopana le bana le bacha moo ba
leng teng, le ho se tŝabe ho ba har’a bona le ho bopa litlamahano
le bona.
19

2.10 Page 20

▲back to top
Ho ba har’a bana le bacha. John Bosco o ile a bolella bana le
bacha ba hae, a re: “Moo har’a lona ke ikutloa ke thabile haholo.
Ho ‘na ho phela ho bolela ho le lona mona.” (BM IV – p.455)
Ho buisana le bana le bacha ka litaba tseo ba li ratang le ka
mesebetsi eo ba e tjantjellang.
Ho ba moea-mong le bona. Ho bontŝa masene a ho utloisisa ka
ho teba maikutlo a bana le bacha le ho tjantjella tseo ba li ratang,
empa ho se lebale karolo ea rona re le batataisi.
Likeletso le litemoso. Ho beela litŝebetso, ho nea likhopolo, ho
nea likeletso le litemoso le ho ba khothaletsa ho abelana
lihlopheng.
Ho pakela. Ho bontŝa ka lipolelo le liketso makhabane ao u
phelang ka ‘ona, e le hore bacha ba a lemohe. Ho ikemisetsa ho
ba hlalosetsa tumelo eo u e lumelang.
Hlonephang Morena Kreste ka lipelong tsa lona, le ntse le
itokiselitse ka mehla ho araba mang kapa mang ea le botsang
lebaka la tŝepo e leng ho lona.” ( 1 Petros 3:15)
Thibelo. Leka ho lemoha ‘meeli le likotsi tseo bacha ba thulanang
le tsona kholong ea bona le tseo tse ka ba ntŝang kotsi.
Popo ea maemo a lokileng. Bopa maemo a makhabane le
litlamahano moo ka ho ‘ona bana le bacha ba ka holang hantle
‘meleng le moeeng.
Phelehetso. Ka puisano e iphaphanyetsang thusa bana le bacha
hore ka bolokolohi ba ikhethele makhabane le likholiso tseo ba ka
tataisang ka tsona metsamao eohle ea bona.
Ho ba nea boikarabello. Ho ba thusa ho amohela boikarabello ba
ho bopa moea o lokileng boemong ka bong moo ba leng teng ho
bona.
Ho ba khothaletsa ho fumana menyetla e mecha ea ho sebelisana:
nakong ea phomolo, ho chakela bacha ba bang, teano har’a
lihlopha tse fapaneng tsa bacha, litŝebeletso tsa bacha, joalo
joalo.
HO NA LE MEKHOA E MERARO EA HO SHEBA MAEMO A BACHA.
1. Ho se tjantjelle bacha ho hang ho se ba etsetse letho.
2. Ho ba tsoa ho bona melato le liphoso tsa bona feela.
3. Ho ba tjantjella le ho ba rata.
20

3 Pages 21-30

▲back to top

3.1 Page 21

▲back to top
Empa re tŝoanetse ho lemoha hore ha re tsebe ho amohela likhopolo
tsohle le metsamao eohle ea bona.
Ho na le liphoso tse etsoang ke bona le mekhoa e sa lokang ea ho
itŝoara. Re lahla tsohle tse hananang le Kreste le Evangeli ea hae le
botho ba ‘nete bochabeng ba nako ea joale.
21

3.2 Page 22

▲back to top
MOKHOATŜEBETSO OA JOHN BOSCO(4)
Ho ka bonahala hore MOKHOATŜEBETSO OA JOHN BOSCO ke oa bao ba
sebeletsang bana le bacha feela.
Empa re bone hore Mokhoatŝebetso oa John Bosco o tŝoanetse ho
thophothetsa likarolo tsohle tsa bophelo ba rona.
O tŝoanetse ho thophothetsa tumelo ea rona ho Molimo.
O tŝoanetse ho thophothetsa litlamahano tsohle tsa rona le batho ba
bang.
O tŝoanetse ho thophothetsa mokhoa oa rona oa ho phela phuthehong
ka lerato le tsebang ho hulela ba bang leratong.
Phutheho ena e ka ba:
phutheho ea baitlami,
phutheho ea lelapa,
phutheho ea sekolo,
phutheho ea bacha,
phutheho mesebetsing.
Metheo e meraro ea Mokhoatŝebetso oa John Bosco ke
kelello (kutloisiso, puisano),
tumelo
le lerato le mosa.
Re ka lemoha bohlokoa ba metheo ena e meraro bophelong ba lelapa.
E na le bohlokoa haholo nakong ea joale ha litlamahano malapeng lia
fokola.
Mokhoatŝebetso oa John Bosco ke tsela eo ka eona batsoali ba phelang
ka ho ea ka moea oa Evangeli malapeng.
Mokhoatŝebetso oa John Bosco o bolela:
ho lula har’a batho,
ho ba tseba,
Kahoo, batsoali ba babeli ba tŝoanetse ho ba teng lapeng.
Ba tŝoanetse ho ba teng lapeng ka boteng bo tletseng lerato le mosa
le tlhokomelo ho tloha letsatsing la lenyalo la bona.
Ka tsela ena ba tla tiisa ka letsatsi ka leng likano tsa bona tsa ho
ratana ka lerato le tŝepahalang ho fihlela lefung.
22

3.3 Page 23

▲back to top
Ka tsela ena hape ba tla bopa moea oa lerato, khotso, kutloano le
kahisano lapeng le moea ona o tla ama kholo ea bana ba bona
moeeng, ‘meleng, kelellong le pelong.
MOKHOATŜEBETSO OA JOHN BOSCO KE TABA EA PELO.
Batsoali ba tlameha ho ba teng lapeng ka mokhoa o tletseng lerato le
mosa le tlhokomelo, ‘me ba amohele boitelo bo hlokahalang, e le hore
ba etse joalo.
Ho etsa ngoana ke ho amohela boikarabello bo boholo.
Ho bolela boikarabello ba ho thusa motho e mocha, e le hore a
hole ‘meleng, moeeng, pelong, kelellong le litakatsong.
Batsoali ba tŝoanetse ho qala ho bopa tlamahano le bana ba bona
e tletseng lerato le mosa le tlhokomelo ho tloha letsatsing la
tsoalo ea bona.
Ho etsa joalo batsoali ba babeli ba hloka ho ratana ka lerato le
nang le boitelo le ho tella bana ba bona bophelo ba bona.
Batsoali ba hloka ho tseba bana ba bona le bana ba hloka ho
tseba batsoali ba bona. Ba ka etsa joalo feela ka ho lula
hammoho lapeng.
Bana ba hloka ho phihlela lerato la batsoali ba bona, e le hore ba
ikutloe ba rateha.
Ho ikutloa hore ba rateha ho bopa boitlhompho.
Boitlhompho bo hlokahala haholo, e le hore bona ba khone ho
bopa litlamahano tse nepahetseng le ba bang kamorao bophelong
ba bona.
MOTHEO OA PELE OA MOKHOATŜEBETSO OA JOHN BOSCO –
KELELLO (KUTLOISISO LE PUISANO)
E ka khona batsoali ba tsebe ho lula fatŝe, ba buisane ka likarolo tsohle
tsa bophelo ba bona.
Puisano ea hlokahala haholo pakeng tsa batsoali le bana ha ba hola-
holile.
Empa puisano ena e tŝoanetse ho ba teng ho tloha qalehong ea
bophelo ba bona.
Haeba e le sieo ho tloha qalehong, bana ba ke ke ba amohela ha
bonolo likeletso le litemoso tsa batsoali ha ba hola-holile.’me ba
ikitlaelletsa ho ikemela, empa ba ntse ba hloka tataiso.
23

3.4 Page 24

▲back to top
LIKELETSO TSE KA THUSANG.
1. Buang le bana ba lona ‘me le ba hlalosetse mabaka a lona a ho etsa
tseo le batlang hore ba li etse.
2. Le ba thuse ho arabela tseo le li kopang ho bona, hobane ba bona hore
li lintle, e seng hobane ba tŝaba kotlo.
3. Le ba hopotse khafetsa ka tseo le li lebelletseng ho bona. Bana le
bacha ba lebala ka potlako.
4. Le ba thuse ho hola, e le hore e be batho ba lokileng le bakreste ba
tŝepahalang.
5. Le se ke la korotlela ka mehla ka mefokolo le liphoso tsa bona.
Lekang ho lemoha makhabane le lineo tsa bona, le ba rorise ka tsona.
Ka ho lemoha makhabane le lineo tsa bona le tseo ba ka li etsang
hantle, le tla ba thusa ho lemoha liphoso le mefokolo ea bona le ho
utloisisa hore ba tŝoanetse ho li hlola.
6. Rorisang ho e-na le ho ntŝa liphoso.
Ha le rorisa bana ba lona ka makhabane le lineo tsa bona, ba
tseba hore le ba hlompha, ‘me ba amohela likeletso tsa lona ha
bonolo ho feta.
Ha se taba ea ho tlohela khalemelo ea liphoso, empa ke taba ea
ho tiisa hape makhabane le lineo tsa bona.
MOTHEO OA BOBELI OA MOKHOATŜEBETSO OA JOHN BOSCO –
TUMELO.
Ha re bua ka tumelo re bolela bophelo bo tataisoang ke lithuto tsa Evangeli
ea Kreste.
Tumelo e bolela:
ho tseba tumelo ea rona.
ho ketekela tumelo ea rona.
ho phela tumelo ea rona ka letsatsi ka leng.
Tumelo ke leeto la bophelo bohle ba rona hammoho le Kreste
phuthehong ea sekreste, re tataisoa ke lithuto tsa hae, ‘me re
leka ho hulela ba bang ho Kreste, ba re felehetsa leetong la
tumelo.
Kahoo, leetong lena la tumelo hammoho le Kreste phuthehong ea
sekreste re biletsoa:
ho tseba Kreste le ho tebisa tsebo ena ka Kreste,
le ho bopa le ho tebisa litlamahano le Kreste le bao ba re
felehetsang leetong lena la tumelo.
24

3.5 Page 25

▲back to top
le ho boloka tumelo ena malapeng le phuthehong ea
sekreste le sechabeng.
Kereke e Katholike e tiisa kamehla hore batsoali ke matichere a pele a
bana ba bona. Ke bona ba nang le boikarabello ba ho ba ruta ka tsa
Molimo.
Tumelo e batla ho lokolla batho bophelong bo se nang sepheo, ho
felloeng ke tŝepo, bophelong bo se nang makhabane, likholiso,
boikarabello le boinehelo. Tumelo e nea bophelo ba botho sepheo se
beang litholoana tsa liketso le bolokolohi le lerato.
Batsoali ba tŝoanetse ho ba balisa ba molemo lapeng la bona:
ka ho bontŝa tsela ka bophelo bo lokileng.
ka ho bontŝa tsela ka ho hlokomela hore Jesu o teng lapeng.
ka ho bontŝa tsela ka ho tseba Jesu le Evangeli ea hae le ho
thusa ba bang lapeng ho mo tseba.
ka ho ikitlaelletsa ho phela Evangeli ea lerato lapeng.
ka ho bopa moea oa tumelo lapeng ka ho ba le linako tsa thapelo
hammoho, ka ho bala lentsoe la Molimo lapeng, ka ho ba teng
hammoho Misseng ka Lisontaha.
Tŝebelisano ena ea batsoali e hlokahala haholo, e le hore ho
rutoa ha katekisima ho bee litholoana.
POLOKO EA TUMELO LAPENG
Tumelo e tŝoanetse ho ama mekhoa eohle ea bophelo lapeng.
Batsoali ba tŝoanetse ho ikitlaelletsa ho bopa moea oa tumelo lapeng:
ka mohlala o motle oa metsamao ea bona.
ka ho lemoha boteng ba ratehang ba Molimo lapeng le ho thusa bana
ho lemoha boteng bona bo ratehang ba Molimo lapeng.
ka ho hlokomela hore bana ba bona ba tsebe tumelo ea bona.
ka ho rapela ka botŝepehi lapeng le ka kerekeng.
ka ho amohela Sakramente ea Poelano(Maipolelo) le ea Eukariste le ka
tsona ba bope ‘me ba tebise litlamahano tsa bona le Jesu.
ka ho abelana mafutsana seo ba nang le sona, le ho hlokomela hore
bana ba bona ba lemohe hore ba thusa mafutsana le lebaka la ho etsa
joalo.
ka ho ikitlaelletsa ho ba bahalaleli.
John Bosco o ile a tiisa hore bohle ba biletsoa khalalelong le hore
mokreste e mong le e mong e ka ba mohalaleli. O ile a kholisa bana le
bacha ba hae hore ho ne ho le bonolo ho ba bahalaleli ka ho etsa
mesebetsi ea mehla eohle hantle, ba bontŝa lerato la Molimo ka eona.
25

3.6 Page 26

▲back to top
Batsoali ba tŝoanetse ho etsa mesebetsi ea letsatsi la leng lapeng
hantle, le ka ho etsa joalo ba tsoele pele tselang ea khalalelo.
MOTHEO OA BORARO OA MOKHOATŜEBETSO OA JOHN BOSCO –
LERATO LE MOSA.
Lerato le mosa lia hlokahala haholo lapeng.
Lerato le mosa li bolela litlamahano tse tletseng lerato le mosa.
Motheo le mohloli oa lerato lena ke lerato la Molimo.
E ka khona lerato le bonahale lapeng.
John Bosco a re: “Ha hoa lekana ho rata bana le bacha. E ka khona ba
tsebe hore ba ratoa.”
Tŝepano e tsoa leratong.
Lerato le tsoa setsoalleng.
Setsoalle se tsoa boteng.
Boteng bo bopa litlamahano tsa mofuthu.
E ka khona batsoali ba lemohe hore boteng ba bona bo tletseng lerato
le mosa le tlhokomelo bo na le bohlokoa bo fetang tsohle tseo tse ling
ba ka ba neang tsona.
Batsoali ba tŝoanetse ho bopa moea oa lerato, mosa, tlhokomelo,
khotso, kutloano le nyakallo lapeng.
Boteng bo tletseng lerato, mosa, tlhokomelo, kutloano, khotso le
nyakallo bo na le bohlokoa bo boholo mokhoatŝebetsong oa John Bosco.
Boteng bo tletseng lerato, mosa, tlhokomelo,kutlolano le nyakallo bo na
le bohlokoa lapeng.
Batsoali ba biletsoa ho bopa boteng bo joalo lapeng.
Mosebetsi o na le bohlokoa, e le hore re iphelise, ‘me re phelise ba
malapa a rona. Empa batsoali ba tŝoanetse ho ba le nako lapeng
hammoho le bana ba bona.
Ka linako tse ling batsoali ba fosa ka ho nea bana ba bona tsohle tseo
ba li kopang.
Ka linako tse ling batsoali ba qoba boitelo bo hlokahalang kholisong ea
bana ba bona ka ho ba nea lintho feela.
Seo bana ba se hlokang haholo ho feta tsohle ke boteng ba batsoali bo
tletseng lerato, mosa, tlhokomelo, boinehelo, khotso, kutloano le
nyakallo.
Batsoali ba tŝoanetse ho leka ho bopa malapa:
moo bana ba tseba hore ba ratoa.
moo ba rutoa hore ho ratoa ha se ho neoa feela, empa ho inehela
ka phano.
26

3.7 Page 27

▲back to top
moo takatso ea bona ea ho nea e feta takatso ea bona ea ho
amohela.
moo boinehelo ke mokhoa oa bophelo.
moo ho tella ba bang bophelo ke mokhoa oa bophelo.
Batsoali ba tŝoanetse ho ba le nako ea ho lula fatŝe le bana ba bona,
ho phomola le bona, ho buisana le bona, ho ba thusa ho lemoha
meleko le likotsi ba teeloang hare ke tsona, ho ba thusa ho bopa
boitlhompho, e le hore ba sa hloloe ke mehlala ea bana le bacha ba
bang.
27